Ms monday 04 june

Page 1

LIPOLOTIKI: LITABA:

’Muso o hata butle Mojakhomo o nyamella setulong

U ka bapatsa khoebo kapa tšebetso ea hau sebakeng sena. Letsetsa 6200 5494 Imeile: adverts@mosotho.co.ls

Leqephe la 2

Mosotho

Leqephe la 3

Puo e 'ngoe, Koranta e 'ngoe, sechaba se seng.

Mantaha la 4 Phuptjane, 2018

IMEILE: newstip@mosotho.co.ls

Mohala: 6242 1414

BASOTHO BA SOLA THAPELO Lerato Buthelezi MASERU - Ebile mahlabisa lihloong ha lebala le leholo la lipapali la Setsoto le bonahala le ena le likheqa, hose Basotho ba bonahalang ka bongata letsatsing la labohlano, le neng le tšoaetsoe thapelo ea thlopho bocha ea melao le melaoana ea naha ea Lesotho. Letsatsi lena le ile la thisa pejana, kaha lene le bonahala e se letsatsi la phomolo, keha ‘Muso o tla ikeletsa ka hore ka la pele Phuptjane ebe letsatsi la phomolo hore batho bohle ba tle ba tsebe ho nka karolo thapelong ena. Empa ho bonahetse ho se joalo kaha batho ba ileng ba bonahala ka bongata e ne le batho ba litsi tsa tšireletso ka hare ho naha. Letsatsi lena le bile la saloa morao ke tokomane e neng e bua le bahlanka hore bao ba ke keng ba iponahatsa moo ba tla nkeloa

Rona re keke ra ea thapelong ea baikaketsi, ba lokile ba e etse ba le bang,

likhato tsa molao tse matla, kaha bookameli ba Makala a ‘Muso a ’maloa ba ile ba bolelloa hore ba tla

Large-Scale Full Colour printer of newspapers, newsletters and retail pamphlets, with FAST, QUALITY Service coupled with great value for money.

ngola bohle ba tlang ho nka karolo thapelong eo. Empa ho bonahetse bona ba sa

natsa litaba tseo tsa Koloi hore ba ka iponahatsa ka bongata ka hona ka lebaleng ka moo.

TEL: 266-2232 5494

www.firstprintit.biz sales@firstprintit.biz

PRINTING FOR:

Newspapers Supermarkets Wholesalers

Hardware Stores Furniture Shops Grocery Retailers

Car Dealers School’s Newsletters Real Estate Agencies NGO’s & Corporate Newsletters

M6ehlile sesole se hloka tlhopho-bocha…? Na

Leqephe la 2

Fatere o qosoa ka polao

Leqephe la 4

incl VAT

M5.00

Leha ho le joalo taba ena ea thapelo e ile ea bonahala e sa lula bohanyetsi hantle kaha bane ba hloma hore hona le lintho tse ngata haholo tse lokelang ho shebanoe le tsona pele ho ka etsoa thapelo, bang ba bolela ha thapelo ena e le ea baikaketsi joale bona ba nkoe e se karolo ea eona. H’a bua, phala ea Lekhotla la Democratic Congress Monghali Serialong Qoo eena o ile a supa ha e keke ea eba karolo ea litaba tsa thapelo ea ‘Muso oa koloi kaha ho ena le litaba tse ngata tseo ba lokelang ho sebetsana le tsona pele baka nahana ka thapelo, ‘eo re sa utloeng hore na ke hobaneng ba bile ba qobella bahlanka’. “Hona joale re sa maketse re bona ho sa hlahisoe babolai ba Mofu Lipolelo Thabane ka khotla, ho fihlela hona joale re bona ho ena le batho ba behiloeng ka teronkong empa ha ba eso qosoe, ba ntse ba behiloe ka moo. Rona re keke ra ea thapelong ea baikaketsi, ba lokile ba e etse ba le bang,” a rialo Qoo. Ho fihlela hona joale Moetapele oa LCD Monghali Mothejoa Metsing o ntse a le kantle ho naha moo a neng a bolele h’a balehile molemong oa ho pholosa bophelo ba hae. Thapelo ena e ile ea qala ka motsamao o neng o tloha Sefikeng sa Morena Moshoeshoe I, ho leba lebaleng la Setsoto. Litho tse ling tsa Lekhotla la Likereke ha liea bonahala thapelong eo ho kenyeletsa le bakhethoa ba bang.


Mosotho Litaba

Mantaha la 4 Phuptjane, 2018

2

’Muso o hata butle KABELO MASOABI TEYATEYANENG – Motsokasephali pusong ea boraro e kopanelo, Tona-Kholo Dr Motsoahae Thabane, o re ’muso o utloile seboko sa sechaba sa ho tetema hoa litšebeletso ka makala. U buile joana h’a koala kopano ea boitlhahlobo ea bangoli ba baholo ba makala a ’muso o bileng hoteleng ea Blue Mountain Inn ka Labobeli. “’Muso o etse hloko tjantjello ea sechaba ea ho bona ho potlakisoa phumantšo ea litšebeletso ke ka hona kopano ena e lutseng kajeno,” o’a hlalosa. Thabane a bontša ha ’muso o etsa ka hohle ho bula mecha ea puisano lipakeng tsa oona le sechaba e le tsela ea ho hlola liqholotso tse thibelang ho fihleleha hoa ho arabela litlhoko tsa sechaba. A re e ka ba boatla ho iphaphanyetsa ho kikitlela hoa bosebeletsi ba sechaba ho renneng ka nako e telele e fetileng hobane hoo ho ka lebisa ho se tsotelloeng hoa molao, ho hloka boikarabello,

ho sebelisa hampe thepa ea sechaba le ho timetsa bosebeletsi bo batsi ba borutehi. O a b o n a ’m u s o o r e ke o tsitlallelang ho sebetsa ka ponaletso le boikarabelo joalokaha o se leqe ho phatlalatsa sea-lemoeeng le thelefishining, tulo le

tse etsahalang ka har’a Komiti ea paramente e boliseng ba tšebeliso ea thepa ea sechaba moo ho eeng ho hlahelle makunutu a bobolu, ’me a re methati ea hore batho ba nkeloe bohato e tla lateloa. “Litla-morao tsa liketso tsena tsa bobolu sechaba se li bone

mebusong e ’meli ea kopanelo e fetileng e leng seo rona re ke keng ra se lumella ho etsahala,” a rialo puong ea hae e telele. Ena ke puso ea bobeli ea kopanelo eo Thabane a e etellang pele ’me ea pele ke ea 2012 e neng e putlame e-s’o qete lilemo tse

peli. Monghali Mothetjoa Metsing eo e neng e le motlatsi oa hae e le tona-kholo (Thabane) ka nako eo, o tobane le qoso ea ho ikabela lichelete tsa sechaba tse baloang ka limilone, le hoja a ntse a khotse phalo moo a supang eka qoso tsa ha eke tsa sepolotiki.

Na ehlile sesole se hloka tlhopho-bocha…? LAWRENCE KEKETSO Setsebi sa lipolotiki le tsamaiso, ho tsoa sekolong se seholo sa sechaba (NUL), Ntate Tlohang Letsie o re boinahano bo lokela ho tebisoa hore na Lesotho le hloka eng e le hore litaba tsa tlhophobocha, haholo-holo ea mafapha a tšireletso li tle li fuoe moelelo o nepahetseng. H’a bua ‘mokeng oa mafapha ao a tšireletso, o neng o hlophiloe ke ba mokhatlo oa Transformation Resource Centre (TRC), Letsie o boletse hore Lesotho le hloka hore le ke le ikeletse ka hore na e le ka ‘nete le hloka eng ho feta eng? “Re hloka ho sheba litaba tsa rona ka ‘nete e seng ka maikutlo a phahameng e le hore re tle re fihlele katleho ea ho tlisetsa Lesotho Khotso ea moshoelella,” a bolela joalo Letsie a bile a supa hore tse ling tsa lipotso tsa mathomo ho eeng litlhopho-bocheng tsa mafapha ana a hlokolosi ke hore ‘na ebe re tiile re hloka sesole re le naha, se joang, sa mofuta ofe, se se kae ka lipalo-palo?’ O re ret la boela re shebe e le ka ‘nete hore na ha ele hore naha e sebelise chelate e ngata ho aha sesole, e le hore ho matlafatsoe sepolesa, na ho betere haholo ke hofe. A re ‘muso le sechaba ka kakaretso ha ho ka tebisoa kepi litabeng tsena tse hlokolosi tsa tlhopho-bocha ho ka fihleloa litharollo. O boetse a supa hore litaba tsa ho fetola maemo a tšireletso

koano hae, hase lehoetla ho hang le hore mekutu e mengata e se e ile ea lekoa empa ho se nko ho tsoa lemina. A supa har’a tse ling ho bile le likomisi tse kang ea Khoarai kamor’a liketsahalo tsa 1994, e abo-Masire kamor’a likharuru tsa 1998 le ea marao tjena ea Phumaphi kamor’a ho thungoa ha mookameli oa sesole oa mehleng, Maaparankoe Mahao. “Na re tiile bo-‘m’e le bo-Ntate hore re batla hore kamor’a lilemo tse hlano hap era be re lutse re ntse re suoa-suoana le taba ee e tšoanang?” o botsa joalo a supa hore likarabo li teng ka har’a

sechaba ka bo-sona. Ha r ’a b a h l a n ka h o t s o a mafapheng ka ho fapana, ekaba ba sesole, sepolesa, mautloela le ba lichankana, ho hlile ha luma mororo oa hore ke nako ea hore litlhopho-bocha li kene ho sa hetloe, e le ho tlisa liphetoho tse tlang ho tsoela Basotho molemo. Har’a libui ‘mokeng oo, Major General Matobakele o ile kopa tšoarelo ho Basotho ka seo sesole san aha se ileng sa iphetola sona lilengoaneng tsa ho feta, a boela a tiisetsa sechaba hore seo se keke sa hlola se ipheta. Matyobakele le ba habo ba

bile ba supa ha ele hore litaba tsa tšireletso li keke tsa hlakothisoa joalokaha eka ha se tsa sechaba, ‘me ba supa ha ho lokeleha hore sechaba se li kene, se supe ka moo se ka supang ka teng e le hore ho fihleloe Khotso e tlang ho bopa bo’ngoe ba Basotho. Ka rsela e tšo anang, ba sepolesa, mautloela le b aka tlhabollong le bona ba itse ho’a hlokahala hore mafapha a shejoe ka ho pharalla hoa oona e le ho fihlella botebo ba hore tšireletseho ea sechaba ebe esa phoqeng le hore bahlanka mafapheng ao a bohlokoa a sechaba le bona ba

sirelletsoe ka melao haholo-holo hore bas eke ba nanareloa ke bapolotiki ba nang le litakatso tsa bona e le batho, e seng tsa sechaba. ‘Moka ona oo TRC e neng e leka ho lelekella litaba tsa tlhophobocha ea mafapha a tširelletso ka oona e le hona ho betlela tsela litaba tse lika-likileng tlhompheho ea litokelo tsa mantlha tsa botho le puso e ang le ponaletso le boikarabello, o ile oa khahla mafapha a seng a boletsoe, ‘muso o moholo, bapolotiki, mekhatlo ea sechaba, ekasitana le litsebi ho tsoa mafapheng a fapaneng a sechaba.


Manataha la 4 Phuptjane, 2018

Mojakhomo o nyamella setulong Lerato Buthelezi MASERU - Ho fihlela hona joale lelapa le Mojakhomo le ntse le ithoetse meli hloohong kaha le sa tsebe hore na ngoan’a bona o nyameletse ho kae, kamor’a hore a nyamelle sepoleseng moo se neng se ‘metsitse ho ea thusana ka lipotso ho tsoa ho marena. Ho eaka mehloli ea litaba, e supa ha Mofumahali ‘Makarabo Majakhomo ane a sebetsa letloleng la ‘MaEsaea Thabane, a shebana le mokhooa oa ho batlela setsi mekhooa ea lithuso, ho kenyeletsa le mesebetsi e meng. Eka Mojakhomo o ile a qetella a se a sa lefa moaho oa moo Letlole lena le fumanehang teng, hoo mong’a moaho eena a bileng a ba joetsa hore ho fihlela hona joale o koala moaho oa hae. Eka Mojakhomo o ile a laeloa ho ea itlaleha sepoleseng moo teng e itseng letsatsi le hlahlamang lelapa ha le il’o mohloela, pejana ba ile ba fumana ba bolelloa hore motho ea joalo o bonahala a se a le sieo, ‘me ha ho tsebahale hore na o tsoile joang ka moo ntlo kholo ea Sepolesa. Har’a litaba tse ling tseo lelapa le li supang, ke hore haeba ngoana’bo bona o belaelloa ka hoja chelate, a qosoe a eo hlaha makhotleng a molao, a seke a nyamela

Mosotho 3 Litaba

....Sepolesa se 'matla ka phahla-phahla

Letlole la mohats'a Tona-Kholo 'M'e 'Maesiah Thabane le tlalehoa le utsoelitsoe bokhothokhotho ba likete

eaba ho thoe ha ho tsebahale hore na o ho kae. Har’a mantsoe a mang ao ba a buang ke hore le eena a sekebe a nyamela joaloka Khetheng. Mosotho o ile oa tlola matjato ho fumana e mong oa lelapa ea ikarabellang ka Moqebelo, eo eena a supileng ha a le phuthehong, eaba ore o tla fana ka linomoro tsa

PUBLIC EYE JUNE 1, 2018

motho ea ka buang empa o qetelletse a sa fana ka tsona. Ntle le moo Mosotho o ile oa letsetsa Raliphatlalatso oa Letlole la Maesaea empa mohala oa hae one o ngabaula feela hose motho ea o arabelang. Ho ea ka phala ea Sepolesa sa Lesotho, Superintendent Mpiti Mopeli, o hlaloselitse Mosotho hore Mofumahali Mojakhomo h’a

Workplace&Careers

nyamela, o balehile, hobane ka lona letsatsi leo a nyamelang one a lokela ho ea khotla. “Batho ba neng ba ntse ba sebetsana le litaba tsa Mojakhomo ba ile ba kena ka ofising moo ba ileng ba mo siea setulong, ha ba khutla hore ba tsamaee ho leba khotla ke moo ba fumaneng a le sieo,” a rialo Mopeli.

A re seo a neng a se qosetsoa ke hore o ne a bonahala a ntse a sa lefe chelete ea khoeli le khoeli ea ntlo e hiriloeng ke letlole, ho fapana le moo o ne a bonahala joale a tsoile letšolo ho batla lichelete bathong a re li hlokoa ke Mofumahali Masaeea Thabane, ebe lithuso tse joalo o li isa pokothong ea hae, ho latela lipelaelo.

3

KINGDOM OF LESOTHO

KINGDOM OF LESOTHO

Public Procurement and Advisory Division Ministry of Finance Re-Registration of Vendors The Public Procurement and Advisory Division of the Ministry of Finance is going through a process of cleaning the vendor database, where a unique identity number is to be created for each vendor.

Public Procurement and Advisory Division Ministry of Finance Nchafatso ea Ngoliso ea Likhoebo Ofisi ea Public Procurement and Advisory Division, Lekaleng la Lichelete e mothating oa ho hloekisa lethathamo la bahoebi, moo ho tlo fanoa ka nomoro e ikhethileng bakeng sa mohoebi ka mong.

All vendors that have already registered for SP numbers are hereby notified to come and re-register their business with the Government of Lesotho.

Ho tsebisoa bahoebi bohle ho tla nchafatsa ngoliso ea likhoebo tsa bona le ‘muso. Liforomo tsa ngoliso li fumaneha Lekaleng la Lichelete, offising ea PPAD, phapusing ea 3016, mokatong oa boraro (3rd floor).

Registration forms are available at the Ministry of Finance, PPAD Department, Room 3016 on the 3rd Floor. Vendors outside Maseru can obtain the forms at the District Administrator’s Office. The registration forms are also available online at the following websites: www.gov.ls and www.finance.gov.ls Vendors will need to provide certified copies from source of the following documents: 1. Valid Trader’s License; 2. Valid Tax Clearance Certificate; and 3. Bank Confirmation Letter

Ho bahoebi ba kantle ho setereke sa Maseru, liforomo tsa ngoliso li tla fumaneha li ofising tsa ‘Musi oa Setereke (DA’s Office). Bahoebi ha ba se ba tlatsitse liforomo tseo, ba ka li siea hona moo liofising tsa Bangoli ba litereke moo ofisi ea PPAD e tlang ho li lata teng kapa ba itlisetsa tsona Maseru ofising ea PPAD. Liforomo li ka fumaneha hape ho marang-rang: www.gov.ls le www.finance.gov.ls.

Registration forms can be returned to the PPAD Department, Room 3016 at the Ministry of Finance; at the District Administrator’s Office; or at the following email address ppad.finance@gov.ls.

Bahoebi ba lokela ho tla le likopi (copies) tse hlapant’sitsoeng moo ba li fumaneng teng, kapa ba ka romela liforomo ka marang-rang ho: ppad.finance@gov.ls; ‘me litokomane tse hlokahalang ke tse latelang: 1. Lengolo la khoebo (Valid Trader’s License); 2. Lengolo la ho patala lekhetho (Valid Tax Clearance Certificate); le 3. Bopaki ba Banka (Bank Confirmation Letter).

The re-registration process will start on the 1st June until the 29th June 2018. New registrations are not affected.

Tsébetso ena ea ngoliso bocha e lebeletsoe ho qala ka la 01 ho fihlela 29 Phuptjoane 2018. Bahoebi ba qalang ho ngolisa, tsebiso ena ha e ba ame.


Mosotho Litaba

Mantaha la 4 Phuptjane, 2018

4

Maratha a Lilepe Ka Lerato Buthelezi

Bothman o batla ho thusa Basotho SEMONKONG - Mookameli oa MediGrow Lesotho, Monghali Andre Bothman, o re o batla ka selemo sa 2020 abe a hirile Basotho ba ka bang 3000 khoebong eo ho eona ho hlahisoang motekoane molemong oa ho etsa meriana. Ntle le moo a supa hore o tla rekisetsa Basotho ba bang liabo. MediGrow e hloka chelete e kaalo ka M900 ea limillione hore ebe le sohle se hlokahalang

Setho sa AD se felloa ke bophelo MASERU - Setho se seng sa Mokha oa Democratic Congress se felletsoe ke bophelo ha e mong a ntse a ikoka maqeba sepetlele kamor’a hore hobe le qoaketsano moketeng oa lipina oa bosiu Mokhotlong, ho fihlela hona joale ha hona motho ea seng a le litlamong.

Bahoebi ba ngolise likhoebo tsa bona MASERU - Ofisi e a L ekala la Lichelete e mothating oa ho hloekisa lethathamo a bahoebi, moo ho tla fanoa ka nomoro e ikhethileng bakeng sa mohoebi ka bo-mong. Bahoebi ba eletsoa ho nchafatsa likhoebo tsa bona le ‘Muso.

Fatere o qosoa ka polao KABELO MASOABI HLOTSE – Fatere ea qosoang ka ho thunyetsa lefu lesistere haufinyane, o hlahile ka pele ho Lekhotla la ‘Maseterata la Leribe, moo a ileng a balloa qoso. Ho ea ka tlaleho, libekeng tse peli tse fetileng, fatere enoa oa Kereke e K’hatholiki e sebakeng sa Maryland, Hlotse, o thuntse le ho timetsa bophelo ba moitlami oa mosali ka le reng o ne a nahana hore ho kene setlokotsebe moo a lulang. Lepolesa le sa ratang ho hlalosoa ka lebitso kaha le sa fuoa tumello ea ho bua ke bookameli, le sebetsang motebong oa Hlotse, o re eo ke tlhaloso eo fatere a faneng ka eona lipotsong tsa mapomela tsa sepolesa. “O hlalositse ha e ne e le bosiu h’a utloa mokutu ka tlung a hopola hore ke setlokotsebe se keneng ka tlung athe ke lesistere, ke ha a tla lokolla Letsopa la Kapa a thunya eo a bileng a timela,” o’a hlalosa. Ho sa le joalo, balumeli ba bangata ba makalletse mohlolo ona oa taba ka hore ebe fatere o ne a kopana kae le sethunya le hore o fihletse joang ho thunya a sa ikholisa hore ho kene sekebekoa ntlong ea hae. “’Na ha ke kholoe tlhaloso ena hobane ha ho utloahale hore lesistere le ne le batlang ha fatere bosiu le hore le kene joang katlung ha e sebe o ne a tloaetse ho ea moo ka linako tseo. Ho na le taba e sa utloahaleng mona,” ao ke maikutlo

a Mathebe Montši e le molumeli ea tšoenyehileng. Ho sa le joalo litaba tse ntse tse ipetsa ke tse supang ha fatere le moitlami ba ne ba ena le likamano tse sa tloaelehelang, mohlomong tsa lerato, le hore eka ho bile le litseki-tsekisano litabeng tseo tsa bona pele ha tla lla sethunya. Ho sa le joalo, Sepolesa sa Thaba-Tseka se hlalosa se ntse se kentse linala mobung ho fuputsa sesosa sa lefu la monna eo ho belaeloang a ipolaile ka

ho iphanyeha motseng o mong seterekeng seo. Pelaelo ke hore sesosa e ka ’na ea ba hore mofu o ne a lla ka bohlola ba mosali oa hae. Tlaleho ea Inspector Mpiti Mopeli e re setopo sa mofu enoa se fumanoe ke batho ba motse se leketlile sefateng, se fasitsoe ka lerapo molaleng ’me moea o se o tsoile linameng, e ba ho tsebisoa sepolesa hang hang. O re pelaelo ea hore mofu o qetelletse a nka bophelo ba

Bahlanka ho tsa sephethe-phethe ba khobatsa monna

Hatlane ke mofu MASERU - Sebini se ileng sa tuma haholo ka ‘mino oa famo le oa bolumeli, Abiele Hatlane o tla phomotsoa borokong ba hae bo ho qetela ka Moqebelo. Hatlane o ile a kula nako e telele a ntse a ikoka. BAKENG LA LITABA News Editor: Sechaba Matatiele Mohala: +266 6242 1414 Fax: +266 2231 0614 Imeile: editor@mosotho.co.ls BAKENG LA LIPAPATSO: Imeile: adverts@mosotho.co.ls P.O. Box 14129, House No. 14A3, Corner Princess Margaret / Mabile roads, Old Europa, Maseru – LESOTHO. BAKENG SA HO FUMANA KORANTA: Premium Logistics Mohala: +266 2833 2121 Imeile: distribution@plogistics.co.ls

hae ke hobane pel’a setopo sa hae ho hlokomelehile molaetsa o ngotsoeng lefikeng o hlalosa mabitso a mosali’ae o boetse o re ‘sala o phela bophelo ba hau hamonate.’ “Litaba tsena re ka se otlolohe ka tsona ka botebo hobane li ntse li batlisisoa ke sepolesa ’me hang ha li phethetsoe li tla phatlalatsoa ka botebo. Re lokela ho fumana le hore na mongolo oo o lejoeng e feela e le eena a o ngotseng,” Mopeli o’a hlalosa.

Napo Lekhooana MASERU – Banna babeli ba fuoe ke Lekhotla la Mathomo Maseru ho ea teronkong likhoeli tse tšeletseng kapa ho itefella M600 ka ho khobatsa e mong ka koto le phafa. Kamor’a ho lumela molato hoa baqosuoa, Mochochisi ’Mammuso Mokete o supile hore Lentsoe Lekoane eo e leng paki ea mofapahlooho nyeoeng ena, o ne a tla supa hore baqosuoa ba mo lemalitse ka

ho mo otla mangole ka koto le ka phafa ’meleng. Moqosuoa oa pele ke Hlalefang Nkoeng (39) oa Mokhotlong ea lulang Ha Abia Maseru, ha oa bobeli ele Tsietsi Malia (31) oa Koro-koro. Mochochiso o re paki e ne e tla bontša hore bobeli bona ke bahlanka ba tšireletso lefapheng la taolo ea sephethe-phethe Maseru. Mochochisi h’a akarelletsa bopaki ba lipaki tse peli eleng ba oa mofapa-hlooho le ea Lepolesa

(P/C) Ntobo, o re ba ne ba tla bontša hore ka la 11 Motšeanong paki o ne a le moo lefapheng la taolo ea sephethe-phethe ho ea nchafatsa lengolo la hae la ho qhoba. O re ke moo e itseng h’a kena monyako a utloa motho a hoeletsang a re “hlokomela phafa”. O re paki ha e hetla a bona moqosuoa oa pele mo otla ka phafa eo ka mahetleng. O bontša a mo shapile joalo ka phafa hofihlela moqosuoa oa

bobeli a fihla le eena a mo otla ka koto mangoleng hofihlela e khaoha. O re paki e ile eaba ea thusoa ke e mong oa batho ba neng ba le moo, e leng M. Khampane. Mochochisi o hlalosa ha moetsuoa a ile a nka qeto ea ho ea tlaleha taba ena mapoleseng moo a ileng a fumana P/C Ntobo, eo e ileng eare h’a ba botsa na ba lemalelitseng lehlatsipa a fumana karabo e sa utloahaleng. O re P/C Ntobo o ile a fa paki ea mofapa-hlooho lengolo la ngaka ’me a bula qoso khahlanong le baqosuoa. Mochochisi o hlalosa baqosuoa ba ile ba ikarabella ka hore ba laetsoe ke mookameli hona moo taolong ea sephethe-phethe hore ba se lumelle batho ho kena moo. Ba re lebaka ke hobane hona le batho ba nkelang batho lichelete ba ntse ba re ba ka ba sebeletsa kapele ntle le ho ema meleng. M o e t e l l i - p e l e o a nye o e Mohlomphehi ’Makerefisi Lebitsa a fana ka kahlolo khahlanong le baqosuoa, a hlalosa hore hona le methati eo baqosuoa ba lokelang ebe ba e nkile ntle le ho lematsa paki.


Manataha la 4 Phuptjane, 2018

Mosotho 5 3 Litaba

Workplace&Careers

PUBLIC EYE JUNE 1, 2018

Mohoanto oa nyatso o tla ba Santamonika KINGDOM OF LESOTHO

KINGDOM OF LESOTHO

KABELO MASOABI

Public Procurement and Advisory Division LERIBE – Bekeng e tlang bacha ba Ministry of Finance Mokhatlo oa Youth Improvement Re-Registration of Vendors Need, ba rerile ho tšoara mohoanto The Public Procurement and Advisory Division of the Ministry of Finance is going through oa nyatso, khahlanong le lipolao le a process of cleaning the vendor database, where a unique identity number is to be liretlo tse nyarosang tse etsahalang created for tikolohong ea each bona.vendor.

Public Procurement and Advisory Division Ministry of Finance “Re re motsamaisi oa setereke joalokaha Nchafatso ea Ngoliso ea Likhoebo e le eena mong’a setereke se aparetsoeng haholo ke leru la Ofisi ea Public Procurement and Advisory Division, Lekaleng la Lichelete e mothating oa lipolao tsa bana, re shebisaneng ho hloekisa lethathamo la bahoebi, moo ho tlo fanoa kahore nomoro e ikhethileng bakeng ’moho re ka thusanang joang le sechaba ho fetola boemo bona sa mohoebi ka mong.

pale ea maobane. Re re ho lekane Mokhatlo ona o thehiloeng bana ba na le tokelo ea ho phela,” ngoahola ka sepheho sa ho haha All vendors that have already registered for SP numbers are hereby notified to come and Ho tsebisoa bahoebi bohle ho tla nchafatsa ngoliso ea likhoebo a rialo. tsa bona le ‘muso. bacha ho ba qobisa botlokotsebe, their business with the Government of Lesotho. Liforomo tsa ngoliso li fumaneha Lekaleng la Lichelete, offising ea PPAD, O tsoela pele aphapusing bontša haeataba ho re-register ba thehela mesebetsi le ho ena e se e fetohile kobo anela kaha hlokomela batho ba tlokotsing 3016, mokatong oa boraro (3rd floor). e se e le mafu a ‘maloa a sehloho a har’a tse ling tse ngata, o re Registration forms are available at the Ministry of Finance, PPAD Department, Room 3016 hlahileng ka nako e atamelaneng mohoanto o tla tloha borokhong ba on the 3rd Floor. Ho bahoebi ba kantle ho setereke sa Maseru, liforomokatsahar’a ngoliso li tlasena. fumaneha li setereke Khomo-Khoana ho leba lebaleng la ofising tsa ‘Musi oa Setereke (DA’s Office). A re bothata bo boholo ba ho Sekolo se Phahameng sa Sacred fumana babolai joalokaha ba e-s’o Vendors Maseru can obtain Heart honaoutside Santamonika, ka la 9 the forms at the District Administrator’s Office. le ho tšoaroa liketsahalong khoeling ena e thoasang. Bahoebi ha ba se ba tlatsitse liforomo tseo, ba ka li sieatsejoe hona moo liofising tsa Bangoli tse ngata, ke hobane batho ba “Ho tlile tlhokomelong ea rona The registration forms are also available online at the following websites: www.gov.ls ba litereke moo ofisi ea PPAD e tlang ho li lata teng kapa itlisetsa tsona Maseru tšababa ho fana menyenyetsi. A boela hore liketsahalo tsena li etsoa www.finance.gov.ls a eletsa batsoali ka hore ba se ofising ea PPAD. ke and batho ba mona le ba hlahang thole ha ba e-na le pelaelo hobane kantle ’me re batla ho thusana hosane ho tla fenethoa ngoana oa le marena, makala a sepolesa, Vendors will need to provide certified copies from source of the following documents: Liforomo li ka fumaneha hape ho marang-rang: www.gov.ls le www.finance.gov.ls. e mong kapa oa eena motsoali ea bacha, ntšetso-pele ea sechaba le 1. Valid Trader’s License; shoeleng ka taba. mokhethoa oa Tsikoane hore re ka 2. Valid Tax Clearance Certificate; a r ’a bab lia fumaneng n a b a s eteng, ng ba Bahoebi ba lokela ho tla le likopi (copies) tse hlapant’sitsoengH moo fihlelang tharollo joang,” ho hlalosa and fenethiloe ho akha ba babeli 3. BankoaConfirmation Letter mothehi mokhatlo Monghali kapa ba ka romela liforomo ka marang-rang ho: ppad.finance@gov.ls; ‘me litokomane ba sekolo sa mathomo ba ileng ba Khethang Masasa. tse hlokahalang ke tse latelang: khaoloa lihlooho Maputsoe, oa Haufinyane litho tsa mafapha sa boikopanyo ba mafapha ao, se ee moriting hoa botlokotsebe, ngoana molala,” a rialo. Registration forms can be returned to the PPAD Department, Room 3016 at the Ministry Lengolotsa la khoeboPelaelo (Valid Trader’s License); a tšireletso, haholo e le basali Mo f u m a h a l i K h o l u Ma h a o, haholo bo sehloho ba1.lipolao ea bona ke hore ho Butha-Buthe ea neng a bolaoe ka Finance; at the District Administrator’s Office;oortlohileng at the following email address ho sakhoalemolala a tsoa sekolong 2. Lengolo la ho patala lekhetho (Validtsa Tax’mele Clearance ba ofmautloela, mapolesa le ba mokoloko lelibohong bana, tse etsoang ke banna. rekisetsanoa litho ea Certificate); ppad.finance@gov.ls. lichankana ba kene mohoantong Maputsoe o leba Hlotse ofising ea “Bo-ntate ba tsebe3.hore bana bana ’meConfirmation ba kopa leLetter). batho ba le oa Peka ea ileng a fumanoa a Bopaki ba Banka (Bank oa ho bontša nyatso khahlanong motsamaisi oa setereke sa Leribe, ke ba rona ha ba e-na le bothata Foreisetata ho thusa ho tlaleha retliloe le oa Hlotse ea lilemo li le liketsahalo tse joalo hona o ne o bontša sechaba hore le bona ka rona ba se ee ho bana beo re ba beng ba liketso tsena hobane robeli eo pelaelo e leng hore o The re-registration process will start on the 1st June until the 29th June 2018. Tsébetso ena ea ngoliso e lebeletsoe ho qala 01 ho fihlela 29 Phuptjoane ke ntata’e e leng eena feela Maputsoe. e le litho tse sebetsanang le litlolo jarileng likhoeli tse robong kaofela. likarolobocha tsa ’mele li nyamella mooka la bolauoe Newearegistrations notbakeng affected. tsa molao ba tšoenyehile ke ho Ha ho mosali ea ka2018. ea seng a qhaulitsoe ke mapolesa. Bahoebi ba qalang ho ngolisa, tsebiso ena ha e ba ame. Ho ka ea ileng aare bua selakhang ho sa tsejoeng.

VACANCY ANNOUNCEMENT

VACANCY ANNOUNCEMENT

LEADER IN REPRODUCTIVE HEALTH AND POPULATION AND DEVELOPMENT

LEADER IN REPRODUCTIVE HEALTH AND POPULATION AND DEVELOPMENT Post Title

: Joint UN Programme M&E Analyst

NOB

Level

: NOB

Contract type:

Fixed Term

Contract type

: Fixed Term

Duration:

1 year (Renewable)

Duration

: 1 year (Renewable)

Duty station:

UNFPA Country Office, Maseru

Duty station

: UNFPA Country Office, Maseru

Post Title:

HIV and AIDS Programme Officer

Level:

Background: UNFPA is looking to recruit an HIV and AIDS Programme Officer. The incumbent will undertake the following main tasks: Main Tasks and Responsibilities: § In line with UNFPA’s substantive and mandated role under the UNAIDS division of labor, support programmes to accelerate HIV prevention and reduce sexual transmission of HIV. § Support national implementing partners to develop effective linkages, integration and mainstreaming of HIV within broader Sexual reproductive health. § Support project implementation for timely and efficient delivery of project outputs. Monitor project disbursements, expenditures and progress. § Organise and participate as a resource person in advocacy meetings, round-tables, training workshops and other HIV/AIDS meetings. § Review, analyse and provide technical input on related policies and strategies on prevention of HIV. § Carry out any other duties as may be requested by the Representative. Job Requirements • Academic requirements: Master’s degree or equivalent in Public Health, Medicine, Sociology, Anthropology, Education, Health, Economics, Epidemiology, Behavioural Studies, Communication and other related fields. • At least 5-7years professional experience at the national or international level in implementing public health programs. HOW TO APPLY: Interested candidates should submit the application with a covering letter, CV, certified copies of certificates, addressed to Operations Manager, UNFPA Office UN Road 103, email address:lesotho.office@unfpa.org on or before 12 :00 noon on 31st May 2018. For further details on this position please visit our websit at: https://www.facebook.com.unfpa.lesotho and lesotho.unfpa.org. Only shortlisted candidates will be contacted.

Background: UNFPA is looking to recruit a Monitoring and Evaluation Analyst. The incumbent will undertake the following main tasks: Main Tasks and Responsibilities: The Programme and M&E Analyst is responsible for the monitoring, evaluation and reporting of the Joint UN Programme on SRHR/HIV and GBV Integration, related Strategic Information Activities and provides programmatic support as required. • Manage and provide guidance and oversight for overall monitoring and evaluation, strategic information and reporting at country and regional levels • Manage and coordinate all M&E and Strategic Information activities, including timely and quality reporting, knowledge generation and management; • Manage monitoring, reporting and contribute to the evaluation of the programme • Coordinate the M&E efforts of the four UN agencies and CO activities to track the results of the implementation of the Joint UN Regional Programme at regional and country level and the work of UNFPA on HIV prevention based upon an agreed upon results framework • Coordinate the efforts of the UN partners to strengthen their national health management information systems so that they are able to monitor the provision of integrated SRHR/HIV and SGBV services including the CO activities • Work with UNAIDS and the UNFPA Strategic Information

Units to integrate key indicators relating to SRHR and GBV into the country information hub and country situation rooms. • Work with the four UN partners to produce reports and updates that show country progress in meeting national targets Job Requirements Education: Master Degree in Statistics, Demography, Social Sciences, or Public Health; Postgraduate training in monitoring and evaluation and knowledge in health sector is an added advantage. Knowledge and Experience: • At least 5 – 10 years’ experience in monitoring and evaluation, results based programme development and management. • Experience in developing indicators, data collection tools, M&E plans and results frameworks in HIV and SRH. • Knowledge of National Health Information Systems desirable. • Experience in capacity building on M&E. • Excellent computer skills especially Access, Excel, SPSS and GIS. • Fluent in English with excellent writing, analysis and communication skills Excellent Writing skills in English. HOW TO APPLY : Interested applicants should submit their applications through lesotho.office@unfpa.org on or before 12 :00 noon Friday 15th June 2018 Further details can also be accessed on: https://www.facebook.com.unfpa.lesotho and lesotho.unfpa.org Only shortlisted candidates will be contacted.


Mosotho Khoebo Litaba

Mantaha la 4 Phuptjane, 2018

6

'Malikeletso

Bapalami ba makoloi a baeti ba tla bona tosa

Mahlapa a nkile mojaho Lesotho

Lerato Buthelezi

Ke monna oa Mosotho ea khafang ka hare ho naha ea Lesotho, hona le ntho e sa ntšoareng hantle ka hare ho naha ena, hona joale ho bonahala mahlapa le ho telloa hoa batho ba baholo ho jele setsi thakeng ena e ncha. Empa e utluisang bohloko ka ho fetisisa ke ena ea marang-rang eo ho behoang monna kapa mosali ebe batho ba bang ba ea morohaka, ka nako tse ling ka litaba tsa ‘nete ha tse ling e le tsa boiqapelo, empa feela ho bonahala ho ena le karolo e ‘ngoe ea batho e bonahalang e sa utloane le motho eo. Ebe ho fihlela hona joale ha hona likhato tseo ‘Muso o ka li etsang ho sireletsa sechaba see sa Basotho khahlanong le ho hlekefetsoa maboteng a marang-rang? S. Kutoane Leribe Karabo Basotho hantle ke batho ba joang? Ke hopola hantle ka selemo se seng eo e neng e le Letona la Likhokahanyo a ne a tiisitse a re o batla ho koala marang rang ana ao batho ba rohakanang ho oona, empa le ile la ema ka maoto la mofetšehola ka mahlapa a tala. Ka mohlomong o ne a ntse a bona hore litaba li tla qetella li le boemong bona boo re sitoang ho li laola. Empa leha ho le joalo le ntse le ka ngolla Tona Kholo hore eena le bao a tšoarisaneng puso le eena na litaba tsa mofuta ona ba ka li sebetsa joang. O ntse o sa lebale hore Lesotho ha lena marang rang ke khoebo ea motho e mong.

MASERU - Bapalami ba makoloi a baeti ba bone tosa khoeling ena ea Phuptjane kaha beng ba lipalangoang tsa baeti ba supa hore bona ba nyolla litefiso leha e le mona ‘Muso o bonahala o ba kotela. Litefiso tsena tsa bona ba hlomme hore li tla qala hang ha khoeli ea Phuptjane e thoasoa. Bo-ramakoloi bona bare ba batla baeti ba lefe chelete e kaalo ka M15.00 leeto ka ‘ngoe. Eka nakong eo baneng ba kopane le ‘Muso oona o ile oa ba kopa hore bonyane litaxi ebe M8.50 ha li 4+1 tsona eba M9.50, empa ho bonahala litaba tseo tsa bona ba sa lumellana le ‘Muso kaha ba ne ba supa mabaka a mangata a ho kenyelletsa tokiso le theko ea likarolo tsa makoloi tse bonahalang li phahame haholo ekasitana le theko ea mafura. Ntle le moo ba supa ha ba lokela har’a tse ling ho lefa basebetsi meputso e phelisang. Leha ho le joalo ‘Muso o ile oa ema thabeng empa bona bare batlo itsoella pele joalokaha eka ha ho’a etsahala letho. Ho eaka Mongoli e moholo oa Lekala la Lipalangoang, Monghali Thabo Motoko, o itse ho fihlela hona joale ha ba eso fihlele qeto ea moshoelella le bo-ramakoloi a baeti, ‘me ha hona litefiso tse ncha tse lebelletsoeng ho etsoa. A re leha ho le joalo base ba entse meoloane e tlang ho beha lekala la hahabo boemong ba hore le tle le sebetse hantle le bohle hose ho khitlana ka litsu.

Mosotho pusianong le ba bang ba bapalami, Mofumahali Mapheello Sekoere eo e leng mosebetsi oa lifemeng, eena o hlalositse ha e se bothata hore makoloi a baeti a ka nyoloha kaha le bona ba bile ba boletse mabaka a seo, empa se lokeloang ho shebisanoa le ‘Muso ke hore basebetsi ba lifemeng ba ekeletsoe meputso joalokaha bane ba ba tšepisitse M2020 nakong eo ba neng ba iketa ka lifemeng. A re ha feela ba ntse ba khola chelete e nyenyane ena ho tl’abe

ho sena lebaka la hore bare ba ea sebetsa hobane chelete ea bona e tlo feela tseleng. Ha a le Monghali Thabang Kori ea ntseng a tloha Maseru ho ea mosebetsing Mafeteng, eena o itse o bona koluoa feela ea tlala ka hare ho naha haeba makoloi a ka nyolleloa boemong boo, a re hona joale o ntse a lefa M50.00 ka letsatsi hobane a hauheloa ke baqhobi, empa haeba li nyoloha ho’a hlaka hore o se a lokela ho lefa M100.00, ‘me ke chelete e ngata haholo hobane le meputso e bonahala e

ntse le mathata moo a sebetsang. A ipiletsa ho bahoebi ba makoloi hore ba mpe ba bue le ‘Muso o ekeletse batho bohle meputso ho qala ka ba majareteng le ba salang le bana. Ho ea ka lipalo-palo basebetsi ba kang ba lifemeng bat la lokela ho lefa chelate e kaalo ka M680 ho isa ho M720 ka khoeli e le ea ho palama feela, se bolelang hore meputso ea bona e keke ea hlola e ba lumella hore ba ka lefa tse ling joaloka bolulo, lijo tsa boipheliso tsa khoeli, joalo-joalo.

Basali, banna ba rata bonyatsi Basali ba bangata ba bonahala ba tla fella ka mohlomi ha ba bang bona ba bonahala ba tla ipolaea ka lebaka feela la hore molekane oa hae o’a ratana ebile o entse ngoana kantle. Bonyatsi bona ba bona ha bo ea qala hona joale ebile hase ntho eo re ka e qetang, hona joale ha motho a ka botsa Nkhono’ae o tla mobolella hore na mang ke ngoana oa mang, empa ho fihlela hona joale ba ntse ba lutse malapeng ba holisa bana. Basali ha re tlohelleng ho itlotlolla ka ho loana le mahlapa re shebelleng banna bana ba etse ka mokhooa oo ba batlang, etsoe Bebele le eona ea paka hore nako ke moahloli. P. Leneha Maseru Karabo Oa bua ka thata mosali oa Mosotho, empa litaba le tsona re hlokomele hore ha li fihle ho batho ka mokhoa o tšoanang. Batho ba bang ba tseba ho amohela maemo a litaba ha ba bang ba sitoa ho amohela se etsahalang ho eena ka nako eo. Empa le teng e ntse e le bohlale hore hohle moo basali ba kopaneng le thakelane ka maikutlo le malebela hore na boemo bo tjena ba litaba le bo hlola joang. Le tlohelle ho bua ka batho le ho ba beha marang rang molemong oa hore motho eo a hobosoe ke metsoalle le lira.

Baahi Qhoali ba lla ka litšebeletso Lerato Buthelezi

QUTHING - Sechaba se phelang tikolohong ea Lebatooa la Qhoali se lla ka thlokahalo ea litšebeletso tse kang metsi, motlakase le litsela. Sebaka sena sa Ha Ntsie ke sebaka se hole haholo le teropo ea Quthing. Mosotho puisanong le ba bang ba baahi ba Ha Ntsie, Monghali Maqhoeng Pitso, eena o itse esale ba sokola ka har’a lebatooa lena lilemo tse ngata ho sena phetoho eka ha ba khethe. “Ntho’e utluisang bohloko ke hore esale re noa metsi a liliba, ho tloha re hlahile ho fihlela hona joale ho ntse ho le joalo. mafu ana a bakoang ke metsi rona re phela ka oona, empa re ena le bakhethoa,” a rialo Pitso. A tsoelapele hore joale e ‘ngoe e bohloko ke thlokahalo ea litsela le motlakase. A re motho a ka utloa bohloko ha a ka bona ha motho a kula a lokela ho isoa sepetlele, ho tsamaeea habohloko joang, a re

ba bang ba fihla sepetlele bophelo bo felile ha bakhachane bona ba pepela tseleng. Ho ea ka Monghali Polumo Lephallo, eena o itse bothata boo ba nang le bona bo boholo ke bosholu ba liphoofolo haholo-holo likhutšoane. A re batho bana ba utsoang liphoofolo ba kotsi hobane ba ea bolaea, ‘me bongata ba bona ba hlaha sebakeng se mose ho Senqu. “Re kopa sepolesa se sebetse ka thata, ho bona hore liphoofolo tsa rona masholu h’a li utsoe, le hore babelaelloa ba hlahisoe ka makhotleng a molao ba ahloloe,” a rialo Lephallo. Lebatooa lena le sotlehileng ke lebatooa la Monghali Mathibeli Mokhothu oa Mokha oa Democratic Congress, ebile e le moetapele oa bohanyatsi ka paramenteng, eo a seng a tsoa mabotsela kantle ho naha are o pholosa bophelo ba hae, kaha o ne a utloile eka hona le batho ba batlang ho mobolaea.

Kh’uoee Mokhothu, litšebeletso li kae? Quthing - Qhoali # 68 - Moetapele oa Mokha oa Sechaba sa Basotho, Monghali Thesele Maseribane o re lintlafatso tsa litšebeletso tse lebatooeng la Qhoali esale li etsoa ke Ntata’ Ntahli pusong ea hae eaba ke ho fella. Tsena o ne a li bua sebokeng Qhoali Mt. Moorosi maobane. “Lintlafatso tsena tse fumanehang ka hare ho lebatooa lena li ne li keke tsa tsotelloa hobane ke tse ileng tsa etsoa ke khofu tse mantsoele. O busitse nako e kae? O etsang ka har’a Lebatooa?” A rialo Maseribane a betsa ntja ka lesapo ho mo’nga lebatooa, eo e leng moetapele oa bohanyetsi ka paramenteng. A tsoelapele ka hore ba ne ba ichibile bo bona ba sa tsotelle Basotho pusong e fetang ea Khokanyanaphiri. A re eena hona joale h’a tsoafe ho bua hore o sietse Monghali Mathibeli Mokhothu lefa la mechine e rokang le o hlatsoang boea, empa ho fihlela hona joale h’a etsa letho ho bona hore thepa eo e’a sebetsa. “Hona joale ba ikeme bare re bina pina ea boea boea ka paramenteng, joale rona re re bobolu bobolu ha ba lokela ho shebana le ntlafatso ea maphelo a Basotho. Hona joale re itukisitse hore lihoai tsa boea li tle li kopane ho buuoe ka litaba tsa boea hobane re batla machaba a tlohe

linaheng tsa bona ba tlo reka boea Lesotho,” a rialo Maseribane. A hlalosa hore bekeng e tlang o tla khutlela lebatooeng leo hore ba etlo shebisana litaba tsa motlakase. A re o bile o ikelelitse hore o tla batlela likolo matlapa a motlakase oa letsatsi e le molemong oa hore ngoana e mong le e mong a tsebe thuto ea Kh’omphuthara kaha ke eona e seng e sebelisoa haholo. “Esale ke tsoaloa ke qala ho bona batho ba sa batleng thapelo, 4x4 ke ‘muso o khethiloeng ke Molimo, ‘me le keke la o bona lekhale, re tla etsa sohle se matleng a rona le novena re tla e rapela,” a rialo Thesele a komotela bohanyetsi. A phethela ka hore Macongress a itšoare hantle, empa a re ba keke ba ba leballa. A re litaba tsa tlhopho bocha ke mosebetsi o moholo haholo ka hare ho naha ea Lesotho. A re nakong eo ba tlang hae ho tsoa mabotsela ha ba ea tlisoa ke SADC ba tlisitsoe ke batho ba boithatelo bo bottle, a leka ho bolela hore le bao ba ntse ba le palehong ka tsela e tšoanang bat la khutlela hae ha feela ba batla. Monghali Maseribane o bile a nehelana ka li wheelchair tse peli ho batho ba sa tsebeng ho tsamaea motseng moo.


Lipapali

Manataha la 4 Phuptjane, 2018

Mosotho

Manataha la 4 Phuptjane, 2018

Mosotho 7 Litaba

IMEILE: newstip@mosotho.co.ls

Likuena e itlhaphola ka Maswati Sehlopha sa naha sa bolo ea maoto, Likuena se ile sa iphetela ka ntlha e le ‘ngoe ho lehe khahlanong le sa Swatsing papaling ea mokhahlelo oa ho ea seka makhaola khang a lipapali tsa COSAFA tse ntse li bapalloa ho la Afrika Boroa. Likuena leha e ne e bonahala e bapala tlas’a khatello papaling eo ea Moqebelo, e ile ea tseba ho sirelletse ntlha eo ea eona, e keneng mokhahlelong oa bobeli oa papali ka leeto la Motebang Sera. Likuena e qalileng lipapali boemong bo ka holimonyane ho ba mepukunyane, e se e tla emela sehlopha se tlang ho hlola lipakeng tsa Zimbabwe le Botswana e bonahetseng e le bohale haholo lihlopheng ha ene e paqamisa naha ea Mauritius ka ntlha tse tšeletseng ho lehe.

Batšehetsi ba Linare ba tletleba hape Napo Lekhooana MASERU – Ba bang ba balateli ba Linare FC ba ntšitse puo mabapi le sehlopha ka le reng sehlopha sa bona haesale se fumana botsamaisi boo ekang ha bo tsotelle. Sena ba se bua kamor’a hore ho totobale hore sehlopha seo se ntse se hula ka falese licheleteng hoo libapali tsa tsona li sa kholeng, ’me seo se lebisitse papaling e bohla selemong se felang. Paul Moreboli e le motšehetsi oa Linare o re haho lokelehe hore hofihlela hajoale ebe Linare e ntse e s’o fumaneloe batšehetsi ba lekaneng hore sehlopha se tsitse licheleteng. “Sena ke bopaki ba hore hona le ho hulanya maoto hoa batsamaisi ba Linare hobane lithaka tsa sehlopha sena li kholisa libapali, le lihlopha tse ling tse sa tsoa thehoa li teng tse kholisang libapali,” ho rialo Moreboli.

Mofumahatsana Moleboheng Chere o re ke masoabisa-lihlong hore sehlopha sa khale, se ileng sa ba le seriti khale joaloka sa Linare e-be se ntse se sa amohelise libapali. O re, “Hona ke boiketsiso bo felletseng”. Monghali Thabiso Pelele o re haele lekhetlong lena boithepetli-

so ke bo totobetseng bo etsoang ke botsamaisi ba Linare. Pelele o re h’a sa hopola na ke neng Linare e kileng ea ba thabisa ka papaling e ntle liking ntle le ka 2014 ha e ne e le boemong ba boraro. A re o ipiletsa ho ba amehang hore ba ke ba etse se etsoang ke lihlopha tse ling tse kang

Lioli, Matlama, Bantu le tse ling hobane bona ba hloka Linare folakha ea eona e fofela holimo. Sena ke kamor’a hore phala ea sehlopa sa Linare Monghali Refiloe Makhobotloane a re sehlopha sa habo sa Linare se tetebela liking ka lebaka la tlhakahalo ea lichelete. Mokhobotloane o ne a ile

a supa hore hantle ha hona se fosahetseng se etsang hore sehlopha seo se hloke tšebetso e ntle liking e kholo ea naha, haese hore feela libapali tsa Linare ha li khole. A re seo se isa sehlopha morao hobane libapali kamehla ha li bapala li ee be li tseba hore tsona ha li khole, empa li bapala khahlanong le tse kholang.


Boithabiso

Mosotho Litaba

8

Mantaha la 4 Phuptjane, 2018

Mosotho

Manataha la 4 Phuptjane, 2018

Likhau tsa SAMA li hapa maikutlo Libini tse ileng tsa tuma koano hae le linaheng tse potapotileng Afrika Boroa, joaloka Steve Kekane, oa Kuluoa ea Maseru, le Mbongeni Ngema oa Sarafina, ba fuoe khau e kholohali selikalikoeng sa likhau tsa ‘mino naheng eo, moketeng o neng o tšoaretsoe Sun City mefelong a beke. Khau ena ea boiphihlelo ba bophelo bohle tšebetsong ea ‘mino e ile ea abeloa ban aba bararo ke Mopresidetente oa naha eo, Cyril Ramaphosa.

KUBUNG GUEST HOUSE AROUND NALELI CENTRE

Lethathamo la likhau tsa SAMA ka kakaretso le eme tjena: Newcomer of the Year: Shekhinah ka ‘Rose Gold’ Male Artist of the Year: Prince Kaybee ka ‘I am Music’ Female Artist of the Year: Shekhinah ka ‘Rose Gold’ Duo or Group of the Year: Mafikizolo ka ‘20’ Album of the Year: ‘Rose Gold’ ka Shekhinah (Alebamo ea selemo) SAMRO Highest Airplay Composer’s Award: Sun-EL Musician ft Samthing Soweto for ‘Akanamali’ composed by Sanele “Sun-El Musician” Sithole CAPASSO Best Selling Digital Download Composer’s Award: Joyous Celebration for ‘Joyous Celebration Volume 21: Heal Our Land’ composed ka Timothy Bambelela Myeni Best Selling Digital Artist of the Year: Joyous Celebration for ‘Joyous Celebration Volume 21: Heal Our Land’ SAMPRA Highest Airplay Song of the Year: ‘Akanamali’ ka Sun-EL Musician ft Samthing Soweto Best Selling DVD of the Year: ‘Joyous Celebration Volume 21: Heal Our Land’ ka Joyous Celebration Best Selling Album of the Year: ‘Joyous Celebration Volume 21: Heal Our Land’ ka Joyous Celebration Lifetime Achievement Award: Dr. Mbongeni Ngema, Adv. Steve Kekana le Letona “Spokes H” Hlatshwayo Spokes International Achievement Award: Shashika Mooruth Best Rock Album: ‘Selfmedikasie’ ka Fokofpolisiekar Best Pop Album: ‘The Beautiful Madness’ ka TRESOR Beste Pop Album: ‘Laat Die Dansvloer Brand’ ka Kurt Darren Best Adult Contemporary Album: ‘Symphonic Soweto’ ka Wouter Kellerman le Soweto Gospel Choir Beste Kontemporêre Musiek Album: ‘Skepe’ ka Jo Black Best African Adult Contemporary Album: ‘Ilanga’ ka Siseko Pame Best Alternative Music Album: ‘Mangaliso’ ka Bongeziwe Mabandla Best R&B/Soul/Reggae Album: ‘Relationships’ ka Afrotraction Best Hip Hop Album: ‘Yellow’ ka Shane Eagle Best Kwaito Album: ‘Highly Flavoured’ ka Busiswa Best Dance Album: ‘King Zamar’ ka Lady Zamar Best Traditional Faith Music Album: ‘Andile KaMajola Chapter 8 Sekwanele’ ka Andile KaMajola Best Contemporary Faith Music Album: ‘Heaven’s Ways’ ka Nqubeko Mbatha Best African Indigenous Gospel Album: ‘Samson Aphi Amandla Akho’ ka Vuma Zion Best African Artist Album: ‘The Simphiwe Dana Symphony Experience’ ka Simphiwe Dana Best Traditional Music Album: ‘Jessica Mbangeni Sings IGoli Live @ Lyric Theatre Johannesburg’ ka Jessica Mbangeni Best Maskandi Album: ‘6 to 6’ ka Abafana Baka Mgqumeni Best Jazz Album: ‘Ikhambi’ ka Nduduzo Makhathini Best Classical and/or Instrumental Album: ‘Baroqueswing Vol. III’ ka Charl du Plessis Trio Best Afro Pop Album: ‘20’ ka Mafikizolo Best Live Audio Visual Recording / DVD: ‘Red Mic Xperience’ ka Donald. Visual recording producer: Robin Kohl Best Collaboration: ‘Akanamali’ ka Sun-El Musician featuring Samthing Soweto Music Video of the Year: ‘Arumtumtum’ ka Rouge. Tlas’a botataisi ba Alex Fynn Best Produced Album: ‘Late Night People’ ka Goldfish. Bahlahisi ke Dominic Peters le David Poole Best Engineered Album: ‘20’ ka Mafikizolo. E hlahisitsoe ke Howard Gomba le Themba Sekowe Remix of the Year: ‘I got you’ ka TEL: 6793 3221 / 5322 9429 Encore. Remixed ka Mobi Dixon

Security cameras installed around the place

Rooms per night range from M350.00 to M550.00

Conference Hall

from M650.00

E-MAIL: kubungguesthouse@gmail.com WEBSITE: www.kubungguesthouse.co.ls


Issuu converts static files into: digital portfolios, online yearbooks, online catalogs, digital photo albums and more. Sign up and create your flipbook.